Ho Loantša Bohoatata Nakong ea Phetoho ea Boemo ba Leholimo.

แชร์
ฝัง
  • เผยแพร่เมื่อ 17 มิ.ย. 2024
  • Selemo le selemo, lefatše le keteka Letsatsi la Lefatše la ho Loantša Komello le Bohoatata, letsatsi leo ka lona ho hlokomelisong sechaba ka khoholeho ea mobu lefatšeng, le ho khothalletsa batho ho kopana ha ‘mohoho ho rarolla bothata bona bo tjametseng lefatse. Letsatsi lena le ketekoa ka la leshome le metso e supileng Phuptjane selemo se seng le se seng.
    Selemong sena, linaha li ketikile letsatsi lena tlas’a mohoo o reng “Mobu oa Rona, Lefa la Rona.” Naha ea Lesotho e ketekile letsatsi lena lebatoeng la Koro-Koro ka mor’a katleho e kholo ea tsosoloso ea makhulo a Ha Khoeli, hona lebatoeng leo.

ความคิดเห็น •