Mohoebi o Nyamela ka Thepa ea Oxygen ka Mora ho Bubura M10 milione

แชร์
ฝัง
  • เผยแพร่เมื่อ 13 มิ.ย. 2024
  • Bahlanka ba Lekala la Bophelo ba hlolehile ho fana ka likarabo tse kholisang litabeng tseo ho tsona ho hlahellang ha lekala le lefile khoebo e sebetsang ka thepa ea liofisi, limilione tse leshome tsa Maluti ho aha serapa sa moea. Serapa sena se ahiloe sepetleleng sa Teyateyaneng ka selemo sa likete tse peli, mashome a mabeli a motso o mong.
    Ho hlahella ha khoebo ena, MS Brokers, e ile ea fuoa mosebetsi e sa qothisana lehlokoa le likhoebo tse ling. Separa sena se robehile likhoeli feela ka mora hore khaho ea sona e phetheloe, ‘me ke selemo sa bobeli joale serapa sena se sa sebetse.

ความคิดเห็น •