"... BA NE BA RE MATSOHO AKA KE MAOTO A FARIKI..." ~ STYMO KOLO

แชร์
ฝัง
  • เผยแพร่เมื่อ 12 ม.ค. 2022
  • Stymo Ocenea Kolo, o fihlile Harvest FM a so bone hohang ka hara phaposi ea khaso, o ile a ikhatisa ka mohala oa thekeng a kopa mookameli oa Harvest FM 'M'e Malichaba Lekhoaba ho mamela khatiso eo 'me a itela bootloane ka ha fuoa monyetla oa ho bonts'a lerato la hae la ho bohola moeeng. Eo eneng e le mookameli oa mananeo ka nako eo, Nkosana Kunene, o re mookameli o ile a mo mamelisa khatiso eo 'me a 'motsa seo a se nahanang ka ngoana eo ea neng a qeta ho ngola foromo ea bohlano. A'i Kuni, ka moo a tsejoang kateng Professor of the Airwaves, o re o na re "mongaka, o lokile monke."
    Mofumahali Malichaba o re o ne a ipotsa hore na moroetsana enoa ha e le mona a ena le lerato la boboholi tjena joale a bile a ena le bokooa na ebe o tla mo pota ka nqa efe, empa Lekhoaba o re Molimo O ne O mo thuse ho bona ka nqane ho bokooa boo, 'me a fa 'Matemo Kolo monyetla oa ho bohola moeeng, kajeno ke naleli moroetsana enoa.
    Oceanea o kene sekolo IEMS a etsa Diploma in Mass Communications a sentse a sebetsa Harvest FM, o sebelitse joalo hara meutloa le lifefo, 'me mosali hara basali 'Mamofokeng Kolo, eleng ea mo tsoalang o ikotla sefuba ka ngoana oa hae kajeno. Enoa Stymo o tsebile morena Jeso a le ka hara phaposi ea khaso, moo a neng a mamela baruti ba kang Moruti Nkoati ea etsang lenaneo la 'Taba Ea Taba' Labohlano ka hora ea bone. 'M'e oa 'Matemo o ile a rata haholo thuto ea moruti Nkoati, 'me Stymo kaho boulela 'ma'e, o ile a mema Moruti Nkoati e le moeti-nyaroso ho 'm'e oa hae ka mokete oo Stymo a neng a keteka katleho ea ho finyella ho phetheleng ka katlaho lengolo la Diploma in Mass Communication IEMS 2021.
    Mamela Puo ea Stymo Ocenea Kolo le ea Moruti Nkoati Filiong e latelang...

ความคิดเห็น • 27

  • @rosinaletele3545
    @rosinaletele3545 ปีที่แล้ว +3

    Congratulations 🥳🥳🥳 ntate Molimo ao apese ao sireletse aohudise aofe tsohle tse pelong ya hao kojwetse ngwaneso omotle obohlokwa ho Ntate Molimo i love you so much 🥰 🥰🥰🥰

  • @SazunzaLoice-cr6mg
    @SazunzaLoice-cr6mg ปีที่แล้ว

    Weldone dear , beautifull

  • @reginamakgale7776
    @reginamakgale7776 ปีที่แล้ว +2

    Wow girl 😣 how can you do this to me. A lot has been Said behind my back but here I am still standing. I envy you my baby I was not Strong like you my Queen 👸. Had to stop working cause I could Not 🚫 cope I was a mesireble this Condition of Bipolar was not making easy for me. Love 💕 and respect you child 🙏 God bless you 🤗 with beautiful children Like you 💗 Halala you've arn it girl.

  • @user-xq3ez2nj9p
    @user-xq3ez2nj9p ปีที่แล้ว

    ao molimo oboloke ausy molimo orata olejoale be grateful hahona motho akhethang nako ea hoima hore seo jereng keeng hotseba molimo fla otlhonolofatso lapeng Leno god bless🎉❤

  • @user-ql8ts7jq1i
    @user-ql8ts7jq1i ปีที่แล้ว +1

    Jooo che batho ba lehlohonolo bona Molimo oba bopile bale perfect pelo eaka ea utloa bohloko

  • @mphotire5710
    @mphotire5710 ปีที่แล้ว +1

    Stmo I'm very touched by your speech really you motivated me

  • @rebeccamtshali7590
    @rebeccamtshali7590 ปีที่แล้ว +1

    Ausi be strong my love you taught me something,I'm proud of you watching from South africa, love u girl

  • @gerginasbo5988
    @gerginasbo5988 ปีที่แล้ว +1

    Very touching story stimo modimo aoekeletse rato congratulations

  • @misst998
    @misst998 ปีที่แล้ว +1

    Wow, beautiful speech, disability doesn't mean inability, well done Stymo and what a support you have,💖💖💖

  • @mphomatlou7052
    @mphomatlou7052 ปีที่แล้ว +2

    Congratulations 🎉👏👍 so you are a graduate now and your enemies are disappointed because they bullied you .

  • @pammmmm498
    @pammmmm498 ปีที่แล้ว +2

    This hit me really hard.Stimi you are indeed Gods favoured child 😇❤️

  • @response7296
    @response7296 ปีที่แล้ว +2

    Am crying 😭😭. You are such a blessing baby 😘

  • @lebohangmooko865
    @lebohangmooko865 ปีที่แล้ว +1

    Am proud of you my dear 😭😭😭😭 o nkotlile ka hare Keo jwetse ke rata hoba Hao Bua o Kenya ntate molimo mererong yohle ya Hao ,Keo lakaletsa Katlego le mahlononolo mogal ,may the Lord protect you from the evil eye all the best. Kolonyama yeeeeeeee halalaaaaa Matema halalaaaaa 🌹🌹🌹🎉🎉

  • @rmdibetso3589
    @rmdibetso3589 ปีที่แล้ว +1

    Is only god knows and god loves u

  • @molefalilephoto9050
    @molefalilephoto9050 ปีที่แล้ว +1

    Ho joalo batho ba rata kereke eseng Molimo.

  • @drmpabo
    @drmpabo 2 ปีที่แล้ว +2

    Against all odds!!! You made it... I'm a University student. I'm so inspired.

  • @limakatsothuhloane9673
    @limakatsothuhloane9673 ปีที่แล้ว +1

    Molimo oa orata ausi le oena mama Molimo oa lerata 💝💖keutloa pelo eaka e ba bohloko 💔💔💔

  • @user-ol5zx5xn3q
    @user-ol5zx5xn3q ปีที่แล้ว

    Mantsoe ahau ahoqetela keyaratile

  • @rmdibetso3589
    @rmdibetso3589 ปีที่แล้ว +1

    God is good

  • @maphuthibebi4546
    @maphuthibebi4546 2 ปีที่แล้ว +3

    Stymo this is too deep, has a likelihood of not only changing a life but making you a millionaire, I don't know how but find a way and good luck. You go gal, to your mother and father (RIP) re ea leboha. This is an international master piece

    • @harvestfmlesotho
      @harvestfmlesotho  2 ปีที่แล้ว

      Her mother is still alive, rea mo lebohela

  • @tlalengkganyago837
    @tlalengkganyago837 ปีที่แล้ว +1

    🙏🙏🙏

  • @evelinamantwa9995
    @evelinamantwa9995 ปีที่แล้ว

    God is good every time

  • @irenethamahane4376
    @irenethamahane4376 ปีที่แล้ว +1

    I spotted my mom ❤❤

  • @tlalengkganyago837
    @tlalengkganyago837 ปีที่แล้ว +1

    😂❤❤

  • @limakatsothuhloane9673
    @limakatsothuhloane9673 ปีที่แล้ว

    Amen ntate Molimo o batla ho kena mothong ntate Amen